16/04/2026
Dumelang batswadi, bahodisi, le bana bana ba sekolo sa Sediba-Thuto Secondary ,
Re le tsebisa mona h**e le hlokomele lengolo la 'fake' lena le ntseng le potoloha ho marangrang le le tsebisang h**e hosane ha ho na dithuto sekolong. Re le bookamedi ba sekolo, elellwa dintlha tse latelang h**e lengolo lena ha se la nnete:
1. Letterhead ena e sebedisitsweng mona ke ya kgale e seng e sa sebediswe ke sekolo ha o ka ithuta ka mangolo le diripoto tsa bana tsa morao.
2. Email address e hlahang lengolo leo ke dilemo jwale e sa sebetse.
3. Setempe se sebedisitsweng moo ha se sa Sediba-Thuto ho hang. Setempe sa Sediba-Thuto ha se na ditaba tseo tse ngata tse hlahisitsweng moo.
4. Batho ba nang le matla a ho saena mangolo a sekolo, ha ho na ya sebedisang signature ena e hlahang moo.
Ka hona re kopa le hlokolosi haholo hobane ho hlakile h**e ho na le motho kapa batho ba ikemiseditseng ho silafatsa lebitso la sekolo sa lona. Mme sekolo se tlo tlaleha taba ena mapoleseng e le h**e baetsi ba ketso ena ba nkelwe dikgato tsa molao.
Bana ba tlameha ho tla sekolong hosane.
Re a leboha.