Lesotho National Dairy Board

Lesotho National Dairy Board Lesotho National Dairy Board is mandated to develop , promote and regulate Lesotho Dairy Industry

Farmers Pitso Awards
06/09/2025

Farmers Pitso Awards

Basotho culture and food tasting...Tloho Boqate u tlo latsoa lijo tsa sesotho, u ipehe monyetleng oa ho fumana yogurt ma...
30/08/2025

Basotho culture and food tasting...

Tloho Boqate u tlo latsoa lijo tsa sesotho, u ipehe monyetleng oa ho fumana yogurt mahala.

Ba re le bona ha ba itheke moroalo.Lekala la Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo e nepahetseng ka morero oa SADP2 ka kopanelo...
14/08/2025

Ba re le bona ha ba itheke moroalo.

Lekala la Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo e nepahetseng ka morero oa SADP2 ka kopanelo le Mokhatlo oa Lefatse oa Lijo(WFP) li bile le letsatsi la lipontso tsa temo maobane Maseru . Ke hona mona moo bahlahisi ba lihlahisoa tsa lebese le bona ba ileng ba hlahella ka li lihlahisoa tseo ba lietsang.
Hopola h**e le uena u se u ka fumana thupelo ho hlaisa tsohle tse etsoang ka lebese LNDB. Mabapi le lipotso u ka etela liofisi tsa LNDB Maseru tse fumanehang holim'a moaho o moholo oa poso kapa u ka letsetsa (266) 22311743

Ha li hangoe makuka a tlale!

Melemo e tlang bakeng sa lihoai tsa lebese.Lesotho National Dairy Board e bile le kopano le lihoai tsa lebese le baetsi ...
06/08/2025

Melemo e tlang bakeng sa lihoai tsa lebese.

Lesotho National Dairy Board e bile le kopano le lihoai tsa lebese le baetsi ba lihlahisoa tsa lebese bekeng e fetileng Maseru ho tla litekela melemo e kabang teng khulisong ea likhoebo tsa bona tsa lebese. lihoai le bahlahisi bana e bile karoloana feela e oelang mokhahlelong oa pele, mekhahlelo emeng e tla latela. Ke hona kopanong ena moo lihoai li ileng tsa tekeloa maemo a lenane la tsoaliso le ntseng le hlophisoa ke LNDB. Lihoai li ile tsa elellisoa ka matla bohlokoa ba poloko ea libuka masakeng a bona eleng se tlang ho bapala karolo ea bohlokoa ho phethahaleng hoa morero ona. Lihoai li ile tsa boela tsa tekeloa ka thupelo eo li tlang ho e fuoa ke ba mokhatlo oa bahlahisi ba lebese hotsoa South Africa, mme sena se etsoa ele karolo e nngoe ea ho thakelana malebela kholisong le bohlahising ba lebese.

Kopanong ena ho bile hoaba le boemeli hotsoa morerong oa lithuso le lihlapiso khulisong ea likhoebo CAFI. Moemeli oa CAFI kopanong ena e bile Mong. Lehlohonolo Chefa ea ileng a fana ka tataiso h**e naa bahoebi ba ka fumana tlatsetso joang likhoebong tsa bona le ho supa ka matla h**e lihoai li ngolise likhoebo tsa bona ka molao.

NB. lihoai tse sa bang teng li tla tsebisoa ka kopano tse tlang ho latela ena.
Ha li hangoe makuka a tlale

Qacha Market day.Kajeno re ile ra letipatipa hotla kamona ka ha mofu Makhaola letsatsing la limmaraka (Market day). Moso...
20/06/2025

Qacha Market day.

Kajeno re ile ra letipatipa hotla kamona ka ha mofu Makhaola letsatsing la limmaraka (Market day). Mosotho o tla hopola h**e letsatsi lena la limmaraka le hlophisoa ke ba morero oa STEAM le Sebabatso o eteletsoeng pele ke lekala la Tekano, Bacha le nts'etso pele ea sechaba moo sepheo seholo eleng ho khothaletsa bacha ho kena ka matla khoebong.
LNDB le eona ha ea itheka moroalo, e tlisetse bacha ba eona ba bahlahisi 'marakekeng kajeno.
Hopola h**e le uena u ka rupeloa tlhahisong ea tsohle tse etsoang ka lebese. Mabapi le lipotso u ka etela liofising tsa LNDB Maseru holim'a moaho o moholo oa poso kapa oa letsetsa linomorong tsena (266) 2231 1743
Ha li hangoe makuka a tlale..

Tlhokahalo ea mesebetsi ke lehlanya leo LNDB e ikimiselitseng ho le loants'a.Kajeno 'mokeng oa bacha le Tona-kholo, mook...
18/06/2025

Tlhokahalo ea mesebetsi ke lehlanya leo LNDB e ikimiselitseng ho le loants'a.

Kajeno 'mokeng oa bacha le Tona-kholo, mookameli oa Lesotho National Dairy Board o boletse h**e ka lebese mesebetsi e ka thehoa. Monghali Abiel Mashale o bonts'itse ha hona le lihlahisoa tse ling tsa lebese tse kenang ka har'a naha ka thoko ho molao le h**e tse ling ha li lefe karolo e 'ngoe ea lekhetho (VAT). A tsoela pele ka ho bonts'a h**e kahare ho lebanta la lebese (dairy value chain) hona le menyetla ea ho theha mesebetsi eo bacha ba ka fumanang molemo ho eona. Mong Mashale a boela a bonts'a h**e LNDB ena le morero oo sepheo sa ona eleng ho thusa 'muso ho theola tlhokahalo e holimo ea mesebetsi, mme sena LNDB e ka sefihlela ka thuso ea 'muso le balakane m'oho le puso nts'etsong pele ea sechaba. Ke hona morerong ona moo LNDB e bonts'itseng h**e ka selemo feela e ka thehela Basotho mesebetsi e ka holimo ho likete tse supileng mme sena se bolela h**e ka lilemo tse tse hlano mesebetsi e ka holimo ho likete tse mashome a mararo e ka thehoa. Ka theko ho morero ona, LNDB e ntse e tsoela pele ho tataisa bacha ho ithehela mesebetsi 'me bacha ba eona ba thupelong ba fihlile 'mokeng ona oa Tona-kholo le bacha ba ts'oere lihlahisoa tsa bona tse entsoeng ka lebese.

Hopola, le uena u ka fumana thupelo ho hlaisa tsohle tse etsoang ka lebese LNDB. Mabapi le lipotso letsetsa (266) 2231 1743 kapa etele liofising tsa LNDB Maseru holim'a moaho o moholo oa poso.

Ha li hangoe makuka a tlale..

Mesebetsi e ka thehoa ka lebese.Mafelong ana a fetileng a beke LNDB ha ea ka ea itheka moroalo le eona ka bacha ba eona ...
16/06/2025

Mesebetsi e ka thehoa ka lebese.

Mafelong ana a fetileng a beke LNDB ha ea ka ea itheka moroalo le eona ka bacha ba eona ba koetlisong. Bacha bana ba ile ba menahana le mehlala hoea habo Liphakoe moo teng ba hlahisitseng kapele ho Mohlomphehi tonakholo Matekane le moifo oa hae ekasita le sechaba lihlaisoa tseo ba li entseng ka lebese ele tsela ea ho ithehela mesebetsi letsatsing la limmaraka Quthing. Mosotho o tla hopola h**e bacha bana ba thupelong ba qalile ho hlaisa tjena kamor'a boithuto ba bona LNDB h**e lihlahisoa tsa lebese tse tsoang kantle ho naha li bonahala li kena ka sekhahla se holimo. Ke mona moo ba ileng ba nka qholotso ena ho e fetola se molemo - ba itlhahisetsa mosebetsi.

Le uena u se u ka theola sekhahla sena se holimo sa tlhokeho ea mosebetsi ka ho atamela liofisi tsa LNDB Maseru holim'a moaho o moholo oa poso ho tla ithuta ho hlahisa tsohle tse etsoang ka lebese. Mabapi le lipotso u ka letsetsa jo (266) 2231 1743
Ha li hangoe makuka a tlale..

Ka bacha re ka khona..Kajeno Lesotho National Dairy Board ka bacha ba eona ba thupelong ea nakoana (incubation) e ile ea...
05/06/2025

Ka bacha re ka khona..

Kajeno Lesotho National Dairy Board ka bacha ba eona ba thupelong ea nakoana (incubation) e ile ea phehisa liponts'uoeng tse neng li ts'oaretsoe mabaleng a Sebopi a fumanehang Fokothi Maseru.
Liponts'uoa tsena ke tsa morero oa STEAM le Sebabatso o eteletsoeng pele ke lekala la Tekano, Bacha le nts'etso pele ea sechaba. Ke hona mona moo letona Pitso Lesaoana le khothalitseng bacha bohle ka mosebetsi o motle. Letona le ile laba la toboketsa ka matla bohlokoa ba ho ngola merero ea khoebo eleng se tlang ho ba thusa ho ka fumants'oa khahlametso eohle eo ba ka e hlokang lekaleng.

Mosotho ea khabane, hopola h**e le uena u ka fumana thuso le tataiso eohle eo u ka e hlokang ho ka itlhahisetsa lihlahisoa tse entsoeng ka lebese. Mabapi le lipotso u ka etela liofising tsa LNDB tse fumanehang holim'a poso e kholo ea Lesotho Maseru re u thuse.

Ha li hangoe makuka a tlale...

Litaba ka lits'oants'o
16/04/2025

Litaba ka lits'oants'o

11/04/2025

Litho tsa sesole li latsuisoa lihlaisoa tsa lebese.

Litho tsa sesole li fumants'oa thupelo. Lesotho National Dairy Board kajeno e thakhotse thupelo ea matsatsi a mabeli ea ...
10/04/2025

Litho tsa sesole li fumants'oa thupelo.

Lesotho National Dairy Board kajeno e thakhotse thupelo ea matsatsi a mabeli ea leruo la likhomo tsa lebese Ha-Foso. Ha a bula thupelo ena Leftenant Mojakhomo, o bonts'itse ha thupelo ena ele bohlokoa kaha bona e le sesole ba fuoe thomo ea ho etsa ka matla h**e ele sesole ba kenya letsoho tlhahisong ea lijo kahare ho sesole. A tsoela pele ho bonts'a h**e le ha ele ts'oanelo ea bona hakalo ho bona h**e sesole sea iphepa, thupelo ena molemo oa eona ha o felle sesoleng feela kaha le bona ba tlo e fetisetsa tlase sechabeng.

Ke thupelong eona ena moo mookameli oa Lesotho National Dairy Board Mong. Abiel Mashale a bonts'itseng h**e ke ts'oanelo ea LNDB ho holisa, ho akofisa le ho laola litaba tsohle tse amang tlhahiso le thekiso ea lebese ka har'a naha. Mong. Mashale a tsoela pele ho bonts'a sena ofisi ea LNDB e sebetsa ka thata ho phetha tokelo eo ea eona moo a bontsh*tseng h**e LNDB e se e fihletse ka katleho ho rupela likhoebo tsa Basotho tse leshome le metso e 'meli ho etsa lihlahisoa tse entsoeng ka lebese. A boela a tsoela pele ho bonts'a h**e ba se ba nehetse ka lehlakana likhomo tse fetang likete tse robeli sena entse ele mohato oa ho holisa tlhahiso ea lebese kahara naha. Ha a fera Mong. Mashale a bontsha h**e ba se ba ntse ba sebetsa le sekolo sa temo ho bona h**e thuto e fanoang ke sekolo e thusa Basotho ho hlaisa ka boemo bo holimo ho ithehela mesebetsi le ho fenya tlala.

Litho tsa sesole li rupetsoe lintlheng tse latelang:
-Mefuta e khothaletsoang likhomong tsa lebese
-Khetho e nepahetseng ea likhomo tsa lebese
-Sepheo sa tsoaliso likhomong tsa lebese
-Matsoai a bohlokoa phepong ea khomo ea lebese
-Metsoako ea lijo ea likhomo tsa lebese
-Phepo hoea ka mokhahlelo tlhahisong ea khomo ea lebese le tseling tse ngata.

Thupelo e tla phetheloa boesa, ha li hangoe makuka a tlale..

28/03/2025

Boithuto ba bona bo sibolla ntlha ea mosebetsi.

Baithuti ba lengolo le bitsoang Agricultural and Resource Economics hotsoa sekolong se seholo sa sechaba (NUL) ba ntseng ba le koetlisong LNDB ba re ba bona sekheo. Sena se latela boithutu boo ba leng ka hare ho bona LNDB, moo ba fumaneng h**e lihlaisoa tsa lebese kantle ho mafi li kena ka sekhahla se holimo hotsoa kantle ho naha. Kamorao ho sena se ba se fumaneng, baithuti ba ile ba fuoa thupelo ea ho etsa lebese le mafi, yoghurt le lebese le fresh. E mong oa bathuti Mong. Ferete o bontsítse ha thupelo eo ba e fumaneng e tlo bathusa haholo kaha ba se bile ba le morerong oa ho theha mesebetsi ka ho theha company eo batlang ho hlaisa tseo ba rupetsoeng ka tsona.

Hopola le uena u ka fumana thupelo e tsóanang 'me oa hlaisa Basotho ba hafa ka nkatana.
Mabapi le lintlha le litlhakisetso u ka letsetsa mona: (266) 2231 1743

Address

89 CONSTITUTION Road
Maseru West
100

Opening Hours

Monday 08:00 - 17:00
Tuesday 08:00 - 17:00
Wednesday 08:00 - 17:00
Thursday 08:00 - 17:00
Friday 08:00 - 17:00

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Lesotho National Dairy Board posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Organization

Send a message to Lesotho National Dairy Board:

Share