MEC - Maseru Central

MEC - Maseru Central This is the official page of MEC in Maseru Central Constituency.

14/10/2022
14/10/2022

Ke nako hareeng pele fela hobane moruo ke bophelo

All The Best Li-Watche! Hopola Ho Tsamaea Le Ba Lelapa Kaofela Le Lo Khetha Watche!
07/10/2022

All The Best Li-Watche! Hopola Ho Tsamaea Le Ba Lelapa Kaofela Le Lo Khetha Watche!

Li 7 beng baka hare iponahatseng tsa  ka bongata ke kopo ea ka se relo tsoa khoeleng ⏲️⏲️⏲️⏲️⏲️⏲️⏲️khetha pela Mpho molo...
04/10/2022

Li 7 beng baka hare iponahatseng tsa ka bongata ke kopo ea ka se relo tsoa khoeleng ⏲️⏲️⏲️⏲️⏲️⏲️⏲️khetha pela Mpho moloi

04/10/2022
Khetha watch
01/10/2022

Khetha watch

HO AKOFISA LITSHEBELETSO TSA BOPHELO [IMPROVE HEALTHCARE]SELELEKELA: Engoe ea lithuto tse ka sehlohong tseo Covid-19 e r...
14/09/2022

HO AKOFISA LITSHEBELETSO TSA BOPHELO [IMPROVE HEALTHCARE]

SELELEKELA: Engoe ea lithuto tse ka sehlohong tseo Covid-19 e re rutile tsona ke h**e Lesotho le hloka Litsi-tsa-Bophelo tse matlafetseng [Improved Infrastructure for Health Facilities].

PUSO EA MEC e tla beha ka sehlohong ho matlafatsa Litsi le litsebeletso tsa bophelo molemong oa Basotho. Naha ea Lesotho e senyeheloa ke chelete e baloang ka Limillione ho alafa bakuli Africa Boroa le naheng ea India haholo-holo ba lefu la Cancer. Puso e eteletsoeng pele ke MEC e tla haha Setsi sa Cancer [Cancer Centre] naheng ea Lesotho ele ho nofolotsa le ho potlakisa kalafo ea Kankere [Cancer]. Mekhatlo ea Machaba e se e tiiselitse naha ea Lesotho h**e etla fana ka chelete ea ho haha Cancer Centre ha feela meralo e hlakile ele teng ka mmuso oa Lesotho. Taba ena e tla fokotsa litjeho tseo naha ea Lesotho e kenang ho tsona ho rommella bakuli South Africa le India.

MEC e tla busetsa tshebetsong Setsi sa Hlahiso ea Meriana [Lesotho Pharmaceutical Corporation] ele ho matlafatsa tlhaiso ea meriana le li-ente [vaccines] ka hare ho naha ea Lesotho. Taba ena etla buela e hlahisa mesebetsi ea nako eohle [Creation of Sustainable Jobs]. ka tshutshumetso ea MEC, cabinet haofi e ile ea lula mme ea hlahloba mekhoa eo Setsi sena seka boelang se sebetsa hape. Tonakholo o se a bopile komiti e tla hlahloba bocha mekhoa e ka thusang h**e Setsi sena se boele khabong hape.

Ka holimo ho tsohle, puso ea MEC etla etsa bonnete ba h**e “Basebeletsi ba tsa Bophelo Metseng” [Village Health Workers] ba fumana “Meputso ea Mathomo” [Minimum Wage] eleng M 2, 000 ha joale, khoeli le khoeli ele ho nolofatsa mokhoa oa bona oa tshebetso. Li-Village Health Workers li tla boela li fumana thepa ea boitshereletso nakong tshebetso [PPEs].





Ke naako
14/09/2022

Ke naako

Ke nako🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪 asenang sekaja atele ke eena alo tsoa panteng hare bua ka boseletsi
13/09/2022

Ke nako🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪🇪 asenang sekaja atele ke eena alo tsoa panteng hare bua ka boseletsi

TEMO LE TLHAISO EA LIJO [Agriculture and food security]. MEC e bua ka ho matlafatsa temo le tlhaiso ea lijo ka ha re ho ...
11/09/2022

TEMO LE TLHAISO EA LIJO [Agriculture and food security].

MEC e bua ka ho matlafatsa temo le tlhaiso ea lijo ka ha re ho naha ea Lesotho kaha ele engoe ea liqholotso tse ka sehlohong ho tloha ka selemo sa 2012.

Ke bonyane Basotho ba 549 000 ba phelang tlasa bofuma ho ea ka litlaleho tsa mokhatlo oa linaha tse kopaneng litabeng tsa tlhahiso ea lijo [FAO] le Mokhatlo oa Lefatshe oa lijo [WFP]. Ka baka leo, Lesotho le iphumana le tlameha ho itshetleha liphallelong le lithusong tsa mekhatlo ea machaba tse tlang le lipehelo tse bima litabeng tsa lipolotiki, khebo le khoebisanong.

Leha ho le joalo MEC ese e hatetse pele haholo tabeng ea ho matlatsa temo le tlhahiso ea lijo. Ka selemo sa 2020 MEC e ile ea etsa tsh*tshinyo [Bill] ka paramenteng e sereletsang sebaka sa temo [protection of arable land].

Ka holimo ho moo Puso ea MEC e tla matlafatsa molao [act] ea meralo le tshebeliso ea Lefatshe la temo [Planning and Land Use Management]. Ha joale sebaka sa temo se setseng ke feela linoko tse supileng lekholong [7% of arable land].

Hara tse ling, Puso ea MEC e tla batlela lihoai mmaraka ka ha re ho naha, continenteng ea Africa le linaheng tsa machaba [Local, Regional, and International Market] le ho bona h**e li boelloa ke phahello.

MEC etla matlafatsa khaho ea li greenhouse ele ho bona h**e Basotho ba lema selemo hopota [Year round productivity].





Rea mohlaisa ho IEC tdy maseru central  #33 e khabile ka boputswa
09/09/2022

Rea mohlaisa ho IEC tdy maseru central #33 e khabile ka boputswa

Sovereign Wealth Fund [Basotho Fund] √ Tlhaloso: Basotho Fund e tla ba Letlole le tlo tsamaisoa ke mmuso oa Lesotho [a s...
06/09/2022

Sovereign Wealth Fund [Basotho Fund]

√ Tlhaloso: Basotho Fund e tla ba Letlole le tlo tsamaisoa ke mmuso oa Lesotho [a state owned ] le tla sebelisoa ho tseteloa ka ntle le ka hare ho naha ea Lesotho.

√Ke hobaneng naha ea Lesotho e hloka Sovereign Fund kapa a Basotho Fund?:

Letlole lena mosebetsi oa mathomo oo le tla o etsa hara tse ling ke ho hlahisa mesebetsi [Job Creation]. Nako e telele Basotho ba utloa polelo e reng mmuso haona chelete! Nnete ke h**e mmuso haona chelete ho ea ka likhakanyo tsa lichelete [Budget Speech] selemo le selemo kaha chelete boholo ele ea leino [re-current budget] kapa chelete e phethang lits'enyehelo tsa mmuso tsa letsatsi ka leng joalo ka ho patala bahlanka, ho ts'ela makoloi a mmuso le tse ling.

Ke ka hoo Puso ea MEC etla bula Letlole le bitsoang Basotho Fund ele h**e e tle nolofalloe ke ho hlahisa mesebetsi. Mosotho otla hopola h**e mooho oa MEC oa Selemo sena o re "Re loants'a Bobolu, Re Hlahisa Mesebetsi...". Nnete ke h**e mesebetsi etla hlaha ka sekhahla se holimo ha feela mmuso ona le lipokeletso tse [Only Reserved For The Purpose of Job Creation].

Taba ea khaho ea Letlole la [Basotho Fund] etla buela e phahamisa moruo oa naha ea Lesotho kaha letla batalatsa mabala for [Efficient Economic Activities] joalo ka phehlo ea Motlakase ka Letsatsi...(see the post).

Linaha tse ke ntseng tshebetsong leano lena la ho haha a Sovereign Wealth Fund li matlafetse haholo moruong ho ea ka liphuphutso tsa Sovereign Wealth Fund Institute [SWFI] tsa selemo sa 2020-2022. Linaha tse hlahang leshomeng lefatseng [World's Top 10] li kenyeletsa, China, United Arab Emrates, Singapore, United State of America le Russia. Africa teng linaha tse kentseng tshebetsong Sovereign Wealth Fund ke, Angola, Botswana, Nigeria, Ghana, Senegal hara tse ling.

Ha ho potang h**e le rona leano lena letla re sebeletsa rele naha ea Lesotho.




! 🕖

Address

Maseru

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when MEC - Maseru Central posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share