02/12/2021
Roof of Africa e fihlile ka hara Thaba-Bosiu ea ba ea tsamaea. Naa baahi ba Thaba-Bosiu ba imonne menoana? Thaba-Bosiu Cultural village ene ele eona seepa-pitso 'me ka tebello ene ele h**e mokete ona o tle o tsoele sechaba sa moo molemo joalo ka maloting moo limaene li tsoelang sechaba sa moo molemo.
Mosotho o ne aka lebella h**e bonyane karolo ea leshome lekholong (10%) ea chelete e bokellelitsoeng moo e tla khutlisetsoa sechabeng ka tsela ea ho etsa matlole a lithuso ho mafutsana a sebaka seo. Empa le le holimo lena ha re so utloe letho.
Ebe ke neng sechaba se phelang Thaba-Bosiu se tla imona menoana ka thepa ea bohahlauli e fumanehang sebakeng see joaloka sechaba sa libaka tseling?
Ha re emeng ka maoto bara le barali ba Moshoeshoe re tseke melemo e tlisoang ke thepa tsena tse fumanehang tikolohong ea rona.