04/11/2026
MOKHIBO OA SESOLE SA LESOTHO O IPHETELA MOHOALOTSO LITLHOLISANONG THABA-BOSIU
Sesole sa Lesotho ka lihlopha tsa Ndlamo, Mohobelo le Mokhibo se ile sa qothisana lehlokoa ka lipapali tsa Sesotho le lihlopha tse hlahang Afrika Boroa, le tsa ka har’a naha, Lehaeng la bochaba la Thaba-Bosiu (Thaba-Bosiu Cultural Village) Maseru, ka la 31 Mphalane 2026, sepheeo e le ho tsosolosa Lerato la naha, bochaba, moea oa kopano le setsoalle.
Ha a fana ka mantsoe a teboho ho ba tlotlisitseng lipapali tseo, Mohlomphehi Thabo Maretlane lebitsong la Thaba-Bosiu Cultural Village, o itse o leboha bohle ba phuthehileng moo. A hlalosa ha lipapali tsa bochaba Thaba-Bosiu li qalile boemong bo tlaase empa selemong sena li holile haholo. A re tebello ke h**e selemong se tlang li tla be li memehile ho feta.
A Mema ‘Musi oa Setereke sa Maseru (District Administrator), ho tšoarana ka matsoho ho tšehetsa Sesole sa Lesotho, ho re se tsoe letšolo ho anetsa tsebo ena ea ho bapala lipapali tsena ka tsela e nepahetseng, ho qaloa ka likolo tse Maseru le mathoko a eona.
Mokhahlelong oa Mokhibo, sehlopha sa Sesole sa Lesotho se ile sa tsoa tjaro-ea-mabonoa-ke-lintja ka ho ikhapela mohope le chelete e likete tse Leshome (M10 000), ha mokhahlelong oa Mohobelo khau e tšoanang e ile le sehlopha sa baeti ho tsoa ho la Afrika-Boroa, eleng morafo oa Sibanye-Stillwater (Sibanye-Stillwater Mine). Khau ea ho qetela mokhahlelong oa Ndlamo eona e ila ea ikhapeloa ke sehlopha sa Roma.
Lipapali tsena li simollotse ka mokhahlelo oa bana ba likolo ho hlaha likolong tsa Maseru le mathoko a eona. Sepheeo ke ho otlolla thupa esale metsi ka letlobo leo le lecha, e le h**e ka moso e tlo ba bona likhalala lipapaling tsena.
Litaba le Litšoantšoa ka Cpl Lebona
Sub Editor Pvt Machesele