26/06/2024
PULO EA TSELA EA MPITI - SEHLABATHEBE
Lekala la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang le bile moketeng Seterekeng sa Qachaâs Nek sebakeng sa Ha Matlali ka La 21 Phuptjane 2024 moo Tonakholo a neng a nehelana ka tsela ea Mpiti-Sehlabathebe ho Sechaba. Mokete ona o tlotlisitsoe ka boteng ba baeti ba bohlokoa, hara bona e bile Tona-kholo ea mehleng, matona a âmuso oa motlotlehi,bakhethoa ba sechaba, boemeli ba aha ea China Lesotho, bahlanka ba âmuso,baqolotsi le baphatlalatsi ba litaba le sechaba ka kakaretso.
E le ho phethahatsa taelo ea morero oa ntlafatso oa naha oa bobeli (NSDP-2) e laelang khokahanyo ea marang-rang a litsela tsa boemo bo holimo ba letsâoana.âMuso oa Lesotho o ile oa ikeletsa ho kenyelletsa khaho ea tsela ea lets'oana ea Mpiti-Sehlabathebe liporojekeng tse kholo tsa naha tlasa thomo ea lekala la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang.
Ha a buoa lebitsong la sechaba sa Qachaâs Nek, molula setulo oa Tsoelikana o hlalositse h**e sethatong ha ho etsoa tsela ho bonahetse Mokoteraka a lekile ho sebetsa hantle le mocosaltent ho bona h**e moo ba sebelitseng sechaba hampe ba bone h**e se buseletsoa tse lumellanoeng. A phethela ka ho leboha haholo ka mphohali ena ea tsela ka ha e tlo tsoela sechaba sa Qachaâs Nek molemo âme a thatiselletsa ka h**e oa tsâepa lintlafatso tsa mofuta oona li tla anela naha ka bophara.
Moomeli oa naha ea china Lesotho ha beha litaba tsa hae moketeng oona, o hlalositse ha tsela ena e tlo tsoela sechaba sa Qachaâs Nek molemo ka ha mokhoa oa ho tsamaea o so tlo ba bobebe. A leboha mekonteraka ka phethelo ea tsela ena le hoja ho ile hoaba le maemo a sitisitseng h**e e phetheloe ka nako e ne e behiloe. a phethela ka ho leboha Makala a âmuso, ka ho khethola Lekala la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang, Lekala la Lichelete ka ho kenya letsoho khahong ea tsela ena.
Ho sale le joalo, Letona la Mesebetsi ea Sechaba le lipalangoang mohlomphehi Matjato Moteane o botsâitse ha tsela ena ea Mpiti-Sehlabathebe e le ntsâetso pele e tlo kopanya litereke tsa Qachaâs Nek,Thaba-Tseka le Mokhotlong âme a bontsâa ha lekala le phethetse karolo ea pele ea tsela ena. Ha a tsoela pele, o hlalositse ha tsela e le bolele ba likilomithara tse mashome a robong a motso o mong (91km) ka bophara ba limithara tse supileng (7m) ebile e hlaiselitse Basotho ba fetang sekete mesebetsi, e boetse e tsoela molemo Sechaba sa metse e fetang mashome a mabeli . Ha a phethela u lebohile mokonteraka ea moholo, mekonteraka eohle e menyane,bahlanka ba litsela ba kentseng letsoho khahong ea tsela ena. A tlatsetsa ka ho tĹĄepisa h**e o tlo tsoela-pele ho phetha ka matla thomo eo a e fuoeng ke Mohlomphehi Tona-Kholo ea ho bona h**e Lesotho le ea ntlafala ka litsela.
Tonakholo Ntsokoane Samuel Matekane ha beha litaba tsa hae o bontsâitse ha mosebetsi oa âmuso ele ho isa litsâebeletso sechabeng.Phetholo ea khaho ea tsela ea Mpiti-Sehlabathebe e bohlokoa haholo kaha e fihla lelibohong la Ramatsâeliso. A bontsâa h**e ha ele mona e felile khoebo le khoebisano pakeng tsa Lesotho le Afrika Boroa e tloba bobebe, kaha e tlo akofisa tsâebetso ea litlaleho tsa molao. Litsi tsa Bophelo li tla fihlelleha ha bobebe. Ha thetha litaba tsa hae o lebohile litona kholo tsa mehleng tseo mosebetsi ona o fihletseng ho tsona a leboha le moemeli oa china ka tsâeetso ea lichelete hotsoa ho Exim Bank of China. A re o motlotlo ho nehelana ka mpho e kholo ea seemahale seo sa tsela eo eleng khale ba e labalabela âme a ipiletsa ho sechaba ho baballa mpho eo. Tsela ena e fuoe lebitso la Makhaola Lerotholi HighWay.