Revolution For Prosperity - RFP

Directions Website Contact the organization

Revolution For Prosperity - RFP Maikemisetso a rona ke ho kopanya Basotho bohle ka sepheo sa ho holisa le ho matlafatsa Lesotho.

23/10/2026

Mongoli e moholo oa Lets'olo o tla amohela litho tse ncha ofising e kholo ea Lets'olo

Ha re bua ka Phetoho, ha re bue ka mehopolo fela. Re bua ka merero e bonahalang.Joalo ka ha le bone, Mohlomphehi Tona-Kh...
08/09/2026

Ha re bua ka Phetoho, ha re bue ka mehopolo fela. Re bua ka merero e bonahalang.

Joalo ka ha le bone, Mohlomphehi Tona-Kholo o etetse Setsi sa phehlo ea Motlakase sa Ha Belo le khaho ea Boemelo bo bocha ba Litekesi Hlotse. Merero ena e emela pono ea RFP ea ho aha moruo o ikemetseng, o hlahisang mesebetsi le menyetla bakeng sa Basotho.

Motlakase o tsitsitseng o thusa kholo ea tlhahiso ea mesebetsi ka lifeme le mekhoa e meng. Lipalangoang tse ntlafetseng li thusa le ho holisa khoebo ea Basotho. Ka bobeli li haha motheo oa moruo o matla.

Phetoho ha se tšepiso. Ke mosebetsi o ntseng o etsoa letsatsi le letsatsi ke Puso e etelletsoeng pele ke Mohl. Tonakholo Sam Ntsokoane Matekane

NA U NE U TSEBA?Likhetho tsa Makala ha se feela tšebetso ea mokha. Ke monyetla oa h**e setho se seng le se seng se kenye...
07/09/2026

NA U NE U TSEBA?

Likhetho tsa Makala ha se feela tšebetso ea mokha. Ke monyetla oa h**e setho se seng le se seng se kenye letsoho ho aha bokamoso ba Thalaboliba le naha ea rona.

Ha re nka karolo likhethong, re matlafatsa Puso ea Sechaba ka Sechaba, re haha boetapele bo tšepahalang ebile re netefatsa h**e lentsoe la setho ka seng lea utloahala.

RFP e ahiloe ke batho ba eona ka lerato. Bokamoso ba eona bo tla sireletsoa ke batho ba joalo.

Kena. Vota. Aha.

Moruo ke Bophelo.

Mants’onyane ho bonahala Naleli e kholo le ea bohlokoa — pontšo ea tumelo, bonngoe le boetapele bo sebeletsang Molimo le...
07/03/2026

Mants’onyane ho bonahala Naleli e kholo le ea bohlokoa — pontšo ea tumelo, bonngoe le boetapele bo sebeletsang Molimo le sechaba ka nako e le ’ngoe. Moetapele oa Revolution for Prosperity le Tonakholo ea Lesotho, Mohlomphehi Sam Matekane, o boetse o bontšitse h**e boetapele ke liketso, ke ho khutlisetsa sechabeng. Ka ho aha kereke ena e ntle St. Lawrence Mants’onyane, o re hopotsa h**e ho haha naha ha ho felle ka merero ea nts’etsopele feela, empa ho kenyeletsa ho matlafatsa metheo ea moea le tumelo har’a Basotho.

Ha kereke ena e fetisetsoa ka molao ho Kereke ea Roma e K’hatholike, e tla ema e le bopaki bo sa feleng ba boetapele bo lumelang tšebeletso, boikokobetso le liphetho tse bonahalang. Ha ba bang ba ntse ba bua feela, boetapele bona bo ntse bo haha — bo haha sechaba, bo haha tšepo, ’me bo haha Lesotho le thehiloeng tsoelo-peleng le tumelong.

Tloong re kopaneng moketeng oa Phano ea Kereke St. Lawrence Mants’onyane ka la 14–15 Hlakubele 2026.




Inoese ka nkho!Ka la 21 Hlakola re ile ra hloela Basotho ba phelang Afrika Boroa ele ho ba kopanya ka maikutlo khethong ...
26/02/2026

Inoese ka nkho!

Ka la 21 Hlakola re ile ra hloela Basotho ba phelang Afrika Boroa ele ho ba kopanya ka maikutlo khethong ea komiti ea Basotho ba phelang kantle ho naha. Moetapele oa Lets'olo o bile teng ho thakhola ts'ebetso eo ea likhetho le ho amohelang komiti eo ea pele.

Moruo!

26/02/2026

Ka la 14-15 February re ile ra qoqopela ka mokhoa ke ona...Re tla beha komiti eo ea Likolo tse kholo hang hoba re fetise tsa Diaspora.
Moruo!

A ipapisitse le molao-theho oa Lets'olo, Moetapele o ile a thakhola mosebetsi oa ho khethoa hoa komiti e kholo ea baithu...
25/02/2026

A ipapisitse le molao-theho oa Lets'olo, Moetapele o ile a thakhola mosebetsi oa ho khethoa hoa komiti e kholo ea baithuti. Joalo ka likomiti tse ling tse tlang pele ho eona, komiti ena ea baithuti e sebetsana le ho hlahisa kemeli ea baithuti ba Lesotho kopanong ea komiti e kholo.
Likhetho tsena li ile tsa eba maane Ecol Khubetsoana ka la 14 Hlakola.

Moruo!

SECHABA SA MAKHOROANA, REA LEBOHA!Maobane Makhoroana e pakile pale e ’ngoe e matla ea kholo ea Revolution For Prosperity...
01/12/2025

SECHABA SA MAKHOROANA, REA LEBOHA!

Maobane Makhoroana e pakile pale e ’ngoe e matla ea kholo ea Revolution For Prosperity. Seboka se tsamaile ka katleho e kholo—sechaba se iponahalitse ka bongata, ’me litho tse ncha li ikopantse le Letšolo ka boikemisetso bo hlakileng ba ho haha Lesotho le letle ho feta.

RFP e ntse e atamela selemong sa 2027 ka lebelo — MEHOPOLO E LEBISITSOE PELE. Ho kena ha litho tse ncha ho tloha malapeng a fapaneng a Makhoroana ke pontšo e hlakileng ea h**e Lesotho le tseba h**e na ke mang ea fanang ka tharollo, eseng lerata. Rea bona, rea utloa ’me re ananela tšehetso ena e ntseng e hola letsatsi le letsatsi.

Ka tšehetso ena e matla, RFP e ntse e tiisa motheo oa puso e kenang e nang le morero, e iponahatsang ka mesebetsi, e tsosang moruo ’me e bile e busa ka botšepehi. Sechaba se se se bone phapang, ’me se kena ka sekhahla hobane ba bona h**e RFP e ea tšepahala.

Re ea 2027 re tiile – ka sechaba, ka morero le ka sepheo.

RFP ke lehae la bohle ba lakatsang Lesotho le tsamaeang ka moralo, eseng ka moferefere.

Rea leboha Makhoroana – the ride to 2027 continues!

A proud day for Lesotho as our children raised critical issues in the Botswana Parliament — education quality, supportiv...
15/11/2025

A proud day for Lesotho as our children raised critical issues in the Botswana Parliament — education quality, supportive discipline, stronger protections, and dignity for every child. Their courage echoed the spirit of renewal we stand for.

Lesotho will host the 2026 SADC Children’s Parliament, carrying the baton with pride.

𝑷𝑼𝑩𝑳𝑰𝑪 𝑾𝑨𝑹𝑵𝑰𝑵𝑮: 𝑭𝑨𝑲𝑬 𝑵𝑬𝑾𝑺 & 𝑺𝑪𝑨𝑴𝑺 𝑼𝑺𝑰𝑵𝑮 𝑬𝑫𝑰𝑻𝑬𝑫 𝑰𝑴𝑨𝑮𝑬𝑺 𝑶𝑭 𝑵𝑨𝑻𝑰𝑶𝑵𝑨𝑳 𝑭𝑰𝑮𝑼𝑹𝑬𝑺Revolution for Prosperity (RFP) wishes to alert...
06/11/2025

𝑷𝑼𝑩𝑳𝑰𝑪 𝑾𝑨𝑹𝑵𝑰𝑵𝑮: 𝑭𝑨𝑲𝑬 𝑵𝑬𝑾𝑺 & 𝑺𝑪𝑨𝑴𝑺 𝑼𝑺𝑰𝑵𝑮 𝑬𝑫𝑰𝑻𝑬𝑫 𝑰𝑴𝑨𝑮𝑬𝑺 𝑶𝑭 𝑵𝑨𝑻𝑰𝑶𝑵𝑨𝑳 𝑭𝑰𝑮𝑼𝑹𝑬𝑺

Revolution for Prosperity (RFP) wishes to alert the nation about a fraudulent online post circulating on social media, using a doctored video screenshot and fake “Lesotho Times” branding to promote an “investment platform.”

1. This image is fake
2. The news banner is fabricated
3. The website attached is a scam created to steal money and personal information

This is a well-known international cyber-fraud tactic where criminals:
• Steal images of leaders and public figures
• Edit fake “breaking news” banners
• Promise unrealistic payments (“17,300 per week”)
• Push victims to transfer money to fraudulent accounts

These scams are run by organised networks who target countries like ours because they assume Basotho can be easily misled by content that appears “official.”

Let us be clear:
No Government office and no leader in Lesotho has endorsed any investment platform of this kind.

As RFP, we remind Basotho that the movement stands for transparency and honest development.
These fake posts are meant to confuse, distract, and exploit our people. We encourage everyone to report such pages and protect your financial information.

Lesotho deserves better — and we will continue fighting for a secure, informed and empowered nation.

Address

Maluti Road
Maseru West
100

Opening Hours

Monday 09:00 - 17:00
Tuesday 09:00 - 17:00
Wednesday 09:00 - 17:00
Thursday 09:00 - 17:00
Friday 09:00 - 17:00

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Revolution For Prosperity - RFP posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Organization

Send a message to Revolution For Prosperity - RFP:

Shortcuts

Share