02/10/2026
Lekala La Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng, ka morero oa lona oa Ntlafatso ea Lihoai tse Ntseng li Thuthuoa SADP II, le fane ka likhau ho makoloane a mahlano a ipabotseng tlhahisong ea meroho Sekolong se seholo sa temo. Baithuti bana ke ba phethetseng lithuto tsa bona ka katleho, 'me bona ba abetsoe li-tray tse peli tsa cabbage motho ka mong, moo ''tray" e tselang lithopo tse 100, ele ho ba thusa ho tsoela pele ka tsebetso e ntle eo ba e etsang ea ho holisa tlhaiso ea meroho ea boleng bo hlokoang ke mmaraka libakeng tsa ha bo bona, tikolong le naheng ka kakaretso. Mofuta oa moroho oo SADPii e faneng le ho khahlametsa baithuti bana ka ona ke peo e ntlafalitsoeng, e tla tseba ho mamella le ho itsématlela khahlanong le liqholotso tse tlisoang ke phetoho ea maemo a leholimo, ka ha bohle re le lipaki h**e, ke nnete phetoho ea maemo a leholimo e teng, re phela ka hara eona, joale ho bohlokoa ke h**e na rona (Basotho) re etsang ho phela tlasa maemo ana. Falimehelang phetoho ena Basotho, ese re mohlaope ea re hlokisa lijo.