Disaster Management Authority - Lesotho"

Disaster Management Authority - Lesotho" A public Office established in terms of the Disaster Management Act no 2 of 1997. It is a unique national entity under The Prime Minister's office.
(1)

Tlhokomeliso! Tlhokomeliso!
04/06/2026

Tlhokomeliso! Tlhokomeliso!

MAEMO A LITSELA KA MALOTING

Sechaba le basebelisi ba tsela ba hlokomelisoa h**e lehloa le ntse le tsoelapele ho khetheha ka maloting, ‘me maemo a litsela ke a latelang:-

04/06/2026

Tlhokomeliso ! Tlhokomeliso!

Mokoallong tseleng e lebang Thaba - Tseka ha o feta Pitseng, boomgate e se koetsoe, ka lebaka la lehloa le ntseng le tsoelapele ho khetheha.

Hopola Thibelo Ie Taolo ea Likoluoa ke boikarebello ba rona bohle

Tlhokomeliso ! Tlhokomeliso!Lehloa le ntse le khetheha Lebelonyane Quthing,  ho hlokomelisoa bohle tlang ho  ho nka maet...
04/06/2026

Tlhokomeliso ! Tlhokomeliso!

Lehloa le ntse le khetheha Lebelonyane Quthing, ho hlokomelisoa bohle tlang ho ho nka maeto ho a emisa. Sena se ama tsela e lebang Qacha's Nek.

Hopola Thibelo Ie Taolo ea Likoluoa ke boikarebello ba rona bohle

04/06/2026

Tlhokomeliso ! Tlhokomeliso!

Lehloa le sentse le khetheha Matsoana, Thaba -Tseka ho hlokomelisoa bohle tlang ho hlokang ho nka maeto ho ho a emisa.

Hopola Thibelo Ie Taolo ea Likoluoa ke boikarebello ba rona bohle

04/06/2026

Tlhokomeliso ! Tlhokomeliso!

Lehloa le sentse le khetheha Mafika- Lisiu. Ho hlokomelisoa bohle ba tlohang Leribe ho ea Thaba. - Tseka ho emisa ka maeto.

Hopola Thibelo Ie Taolo ea Likoluoa ke boikarebello ba rona bohle

04/06/2026

Tlhokomeliso ! Tlhokomeliso !
Li boom gates Mafolaneng le Makhoaba (Mokhotlong) li koetsoe ha joale ka lebaka la lehloa le sentse le tsoelapele ho khetheha.

Hopola Thibelo Ie Taolo ea Likoluoa ke boikarebello ba rona bohle

Tlhokomeliso! Tlhokomeliso!
02/06/2026

Tlhokomeliso! Tlhokomeliso!

Ka jeno eleng la 20 Motšeanong, Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa le bile le kopano ea baphatlalatsi moo teng Mofu...
20/05/2026

Ka jeno eleng la 20 Motšeanong, Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa le bile le kopano ea baphatlalatsi moo teng Mofumahali Mamonyaku Koloti, Motsamaisi oa Early Warning, a butseng semmuso kopano ea qalo ea morero o bitsoang: “Building Capacity in Southern Africa to Enable Effective Disaster Risk Management through Regional Systems for Inter-Agency Anticipatory Action Using a Multi-Hazard, Multi-Sectoral Approach.”

Puong ea hae, Mofumahali Koloti o totobalitse bohlokoa ba ho matlafatsa mekhoa ea Anticipatory Action Lesotho ka ho ntlafatsa Early Warning Systems, Indigenous Knowledge Systems, Impact-Based Forecasting hammoho le tšebelisano e matla le sechaba.

Morero ona o tšehelitsoe ka lichelete ke European Civil Protection and Humanitarian Aid Operations (ECHO), 'me o reretsoe ho matlafatsa bokhoni ba naha le sechaba ho nka mehato pele likoluoa tse ka lebelloang li ka hlaha e le ho sireletsa maphelo, mekhoa ea boipheliso le thepa.

O boetse a hlakisa h**e tšebelisano-'moho pakeng tsa balekane le mekhoa e matla ea thibelo le taolo ea likoluoa li bohlokoa haholo ho aha sechaba se mamellang litlamorao tsa phetoho ea maemo a leholimo le likoluoa.

Monghali Lethaha Rammolenyane oa Lefapha la Bolepi ba Leholimo le eena o bontšitse h**e morero ona o tla ba bohlokoa haholo sechabeng sa Basotho, kaha selemong sena ho lebelletsoe lip**a tse tloaelehileng ho isa ho tse ka tlase ho maemo a tloaelehileng.

Monghali Reatile Elias o hatelletse bohlokoa ba ho thibela le ho fokotsa likoluoa pele li etsahala, a hlokomelisa h**e mekhoa ea ho hlaphoheloa kamora likoluoa e bitsa chelete e ngata ebile e hloka lisebelisoa tseo Lesotho le so kang le ba le tsona hajoale.

Ha a bua lebitsong la World Food Programme (WFP) UN, Mofumahali Emily Doe o fetisitse liteboho ho mmuso oa Lesotho, haholo-holo Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa, Lesotho Meteorological Services, balekane ba nts’etsopele le bohle ba neng ba le teng kopanong eo.

O boletse h**e morero ona o bontša boitlamo bo kopaneng ba ho matlafatsa boitokisetso ba likoluoa le ho nka mehato pele likotsi li fetoha likoluoa tsa botho.

Ka morero ona, WFP (UN) hammoho le balekane ba eona ba tla tšehetsa mmuso ho matlafatsa mekhoa ea Anticipatory Action ka ho nts’etsapele ho latela melao ea ts'ebetso (SOPs), litsela tsa ts’ebetso le tataiso, hammoho le ho hokahanya tsebo ea matsoalloa le mahlale a temoho ea boemo ba leholimo bakeng sa ho sireletsa maphelo le mekhoa ea boipheliso.

WFP e boetse e tšehetsa Mmuso oa Lesotho ho matlafatsa boitokisetso ba maemo a tšohanyetso, ho nka mehato pele likoluoa li e-ba matla le ho pholosa maphelo.

Qetellong, o ile a thoholetsa balekane bohle ba nkileng karolo morerong ona hape a khothaletsa Basotho bohle ho tšehetsa mohato ona bakeng sa Lesotho e sireletsehileng le e mamellang likoluoa.

Lefapha la Thibelo le Taolo ea Likoluoa le leboha tšebelisano le tšehetso e tsoelang pele ho tsoa ho balekane ba kang Lesotho Red Cross, WFP, FAO, UNICEF, IOM le bohle ba ntseng ba sebetsa ho matlafatsa boitokisetso le boikamahanyo le likoluoa Lesotho.

Hopola Thibelo le Taolo ea Likoluoa ke boikarabello ba rona bohle.

FYI
19/05/2026

FYI

📍Seterekeng sa Maseru DistrictDisaster Management Authority ka kopanelo le World Vision Lesotho hammoho le Lesotho Red C...
10/05/2026

📍Seterekeng sa Maseru District

Disaster Management Authority ka kopanelo le World Vision Lesotho hammoho le Lesotho Red Cross Society ba khutletse metseng e amehileng haholo ke lip**a tse matla tse bileng teng bekeng e fetileng, moo ba faneng ka lits’ehetso tsa lijo le materase ho malapa a anngoeng ke koluoa ena.

Ts’ehetso ena e bile karolo ea karabo ea tšohanyetso ho thusa malapa a ileng a lahleheloa ke thepa, a senyeheloa ke matlo kapa a tobana le mathata a fapaneng ka lebaka la likhohola le p**a e matla. Malapa a mang a ile ho tloha malapeng a ’ona ha metsi a kena ka matlung, ha a mang a sala a hloka litlhoko tsa mantlha tsa bophelo.

Lefapha le balekane ba lona ba tsoelapele ho etsa liphuputso metseng e fapaneng ho netefatsa h**e malapa a amehileng a fumana thuso e hlokahalang ka nako. Sena se bontša bohlokoa ba tšebelisano-’moho lipakeng tsa mekhatlo e fapaneng nakong ea likoluoa ho sireletsa maphelo le ho tšehetsa sechaba se amehileng.
Re khothaletsa sechaba ho lula se mametse litemoso tsa boemo ba leholimo le ho nka mehato ea tšireletso nakong ena eo p**a e ntseng e tsoela pele libakeng tse ling tsa naha.

Hopola Thibelo Ie Taolo ea Likoluoa ke boikarebello ba rona bohle





Address

Maseru

Opening Hours

Monday 08:00 - 16:30
Tuesday 08:00 - 16:30
Wednesday 08:00 - 16:30
Thursday 08:00 - 16:30
Friday 08:00 - 16:29

Telephone

+26622312183

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Disaster Management Authority - Lesotho" posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share