Ministry of Agriculture Food Security And Nutrition Lesotho

Ministry of Agriculture Food Security And Nutrition Lesotho This ministry has established this page to share it's work with Basotho and international community.
(1)

Lekala la Temo,Kanetso ea Lijo Phepo e Nepahetseng  seterekeng sa Leribe ntlokholo ea Temo Leribe, ka lefapha la Limmara...
18/06/2026

Lekala la Temo,Kanetso ea Lijo Phepo e Nepahetseng seterekeng sa Leribe ntlokholo ea Temo Leribe, ka lefapha la Limmaraka le ne le kopantse bahlahisi le bareki ba lihlahisoa tsa temo ka ho fapana ka la 17/06/2026. E ne ele ba lijo thollo, litholoana, meroho, nama le tsohle tse beoang ke temo.

Sepheo sa mmoka e ne ele ho kopanya bahlahisi le bareki. Ho ne ho le teng bareki ho hlaha mabenkeleng a manyane le a maholo, ha mmoho le bareki ka bo mong. Mmoka ona oile oa atleha haholo hobane mahlakore ohle a utloisisane na boikarabello ba ona ke afeng.

18/06/2026

Enterprise Risk Management Workshop for MAFSN Executives

Lekala la Temo Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng ka moifo  oa Phatlalatso ea Temo, lefapha la Limmaraka le Morero o...
16/06/2026

Lekala la Temo Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng ka moifo oa Phatlalatso ea Temo, lefapha la Limmaraka le Morero oa SADP li etetse sehoai sa meroho Matsieng Mahloenyeng kajeno (16/06/26).

Monghali Bokang Petje e le ena mookameli oa polasi ea Happy C&J Village Farm, o re o se a hatetse pele haholo ka thuso ea Morero oa SADP. O re polasi e holile haholo ka ha ka selemo sa 2015 ha a qala temo o ne a sokole haholo empa kamora thuso ea morero o atlehile haholo le lenane la basebetsi le nyolohile .

Ka hona mongali Petje o khothalelitse bacha ho kena temong ka matla ka ha mesebetsi e sokoleha kahare ho naha.

THEKO LE THEKISO EA LIBEHOA KE TEMO TSA BEKE LE BEKE.
15/06/2026

THEKO LE THEKISO EA LIBEHOA KE TEMO TSA BEKE LE BEKE.

Lekala.la Temo Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng  seterekeng  ss Mohales'Hoek  le ts'oere letsatsi la lipont'so tsa...
13/06/2026

Lekala.la Temo Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng seterekeng ss Mohales'Hoek le ts'oere letsatsi la lipont'so tsa temo sebakeng sa Hloahloeng ha Nkau ka la (12/06/26).Mosupisi e moholo oa setsi sa Temo sa Hloahloeng monghali Bohlale Matsoso o hlalositse h**e sepheo ke ho tsosa lihoai molota ts'ebetsong ea tsona, ho hlolisana ka lihlopha tsa phepo e nepahetseng tse hlano(5) tse teng kahare ho Hloahloeng.

Mookameli oa Lekala la Temo Mohales'Hoek, monghali Lekhetho Tlali o re mosebetsi o ntlafetse haholo papisong le oa selemo sa ho feta, a re hona ho bont'sa kholo le katleho ts'ebetsong.

12/06/2026

Puo ka Hon. Prime Minister Sam Ntsokoane Matekane

Kajeno la 11/06/2026 Lekala la Temo Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng seterekeng sa Berea ka Lefapha la Phepo e Nep...
11/06/2026

Kajeno la 11/06/2026 Lekala la Temo Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng seterekeng sa Berea ka Lefapha la Phepo e Nepahetseng le ts'oaretse Bo-'maphepo ho tsoa literekeng tse leshome thupelo ho qala ka Mantaha oa la 8/06/2026 me e tla fihla pheletsong ka Labohlano la 12/06/2026.

Mofumahali Mathuto 'Neheng Taylor a e le Maphepo ntlokholo, o hlalositse ha ba ile ba ba le kopano ele Lefapha la Phepo ka litereke tse leshome selemo se fitileng, moo morero ene le ho etsa buka e tla ba tataisa ka litaba tsa tlhahiso ea Lijo malapeng. A hlalosa h**e buka ena e ts'etse tlhahiso ea lijo ka liratsoana tse its'ematlelang ho maemo a phetho-phetoho ea leholimo le tlhahiso ea leruo la liphoofolo tsa bophelo bo bokhuts'oane.

Mofumahali Taylor o la tsoetse-pele ho hlalosa sepheo sa kopano bekeng ena e le ho tla ithuta ka botebo litaba tsa tlhahiso, ka tataiso ea litsibi tsa Mafapha a tlhahiso ea Lijo, Lifate le Liphoofolo. Ka hona ba qalile ho ithuta ka meroho ea khale eo re seng re sa e sebelise (joalo ka Serue le emeng) h**e e na le matsoai a feng ho matlafatsa phepo, le ho ja lijo ka mebala.

Ba boela baithuta ka tlhahiso ea litholoana (Liperekisi, Liapole le Lipere) h**e ba li hlokomele joang, ho li faola le ho ela hloko mafua kabang teng,hape ba ithuta ka tlhahiso ea likhoho tsa nama le mahe ha kajeno ba ithutile ka tlhahiso ea limutlanyana.

A qetella ka h**e ka labohlano ba tla phethela boithuto ba bona ka ho nyakurela buka, e bitsoa: (Homestead Gardening and Production of Fruit trees and Short Cycle Species) e fumanehang ka puo ea sesotho le ea senyesemane, e le h**e ba be le kutloisiso e ts'oanang le h**e batle ba fetisetse molaetsa o ts'oanang ho lihoai.

Ka la 10/06/2026 Lekala la Temo Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng seterekeng sa Mafeteng ka ts'ehetso ea kh'amphane...
11/06/2026

Ka la 10/06/2026 Lekala la Temo Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng seterekeng sa Mafeteng ka ts'ehetso ea kh'amphane ea Metropolitan, le ts'oaretse bahlanka koetliso ea Bophelo bo Botle ka tataiso ea Lebotho la Ts'ireletso la Lesotho.

Monghali Mphuthi Phafoli ka ofising ea khiro, o hlalositse sepheo e le ho tla bopa bongoe.
Ka hona ba elelloa ho le bohlokoa ho ba ts'oarela thupelo ea tlhabollo h**e bahlanka ba hlabolohe, ketso ena e tla ba thusa ho fokotsa mathata a bona le ho ba matlafatsa h**e ba phethe mosebetsi ba sena khatello ea maikutlo. A qetella ka ho leboha ts'ehetso eo ba e fumaneng ho kh'amphaneng ea Metropolitan h**e thupelo ena e atlehile ho ba teng.

10/06/2026

Letona la Temo Mohl. Selibe Mochoboroane o buoa le bafani ba lits'ebeletso (Service Providers) le lihoai tse thusoang ke morero oa SADP II Maseru ka 10. 06. 26

10/06/2026

Lekala la Temo Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng tlasa Morero oa Lihoai tse ntseng li thuthuoa SADP II le ts'oere 'moka oa bafani ba lits'ebeletso tsa morero. Mookameli oa Morero Monghali Mpaki Makara oa hlalosa.

Address

Box 24, No. 80 Constitution Road-Maseru
Maseru
100

Opening Hours

Monday 08:00 - 16:30
Tuesday 08:00 - 16:30
Wednesday 08:00 - 16:30
Thursday 08:00 - 16:30
Friday 08:00 - 16:30

Telephone

+26658147768

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Ministry of Agriculture Food Security And Nutrition Lesotho posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share