Lesotho Mounted Police Service

Call Directions Website

Lesotho Mounted Police Service This is an official LMPS page. Toll-free Emergency Number: 112

SECHABA SA HA MOHLANKA SEKUBU SEA ETELOATseko Lengala - Botha-Bothe Sechaba sa Sekubu Ha Mohlanka Botha-Bothe se ile sa ...
14/11/2026

SECHABA SA HA MOHLANKA SEKUBU SEA ETELOA

Tseko Lengala - Botha-Bothe

Sechaba sa Sekubu Ha Mohlanka Botha-Bothe se ile sa epeloa pitso ke Sepolesa sa Botha-Bothe ka la 10 Mphalane 2026, moo se elelitsoeng ka boipoleso.

Monghali Hlakanyane Maseko o ile a re liqholotso tseo ba kopanang le tsona ke tlhekefetso ea ka malapeng, bosholu ba liphoofolo le tšenyo ea thepa.

A kopa sepolesa ho etsa motebo-ntloana haufi le metse sebakeng seo sa Sekubu.

Police Constable (P/C) Thabo Tseko oa Ofisi ea Thibelo ea Litlolo tsa Molao, o khothalletsa sechaba ho ipolesa le bohaisane bo botle.

Detective Inspector (D/Insp) Liako Mothuntšane oa Ofisi ea Tšireletso ea Bana le Tekano o buile le sechaba ka ofisi ea habo ho re e sebetsana le’ng joaloka ho kena lipakeng moo malapa a nang le likhohlano.

Inspector (Insp) Bokang Belkom oa Ofisi ea Thibelo ea Litlolo tsa Molao, a re sechaba se phelise taba ea bohokela kaha metse ea sona, e hole le motebo oa sepolesa. O phethetse ka ho tšepisa sechaba sa moo h**e ba tlo tla haufinyane, ho tla rupela likomiti tsa mahokela.

O BOLAELOA HO NAMOLAMolefi Tomo - Leribe Posho Monoane (30) oa Matukeng Leribe o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Lerib...
14/11/2026

O BOLAELOA HO NAMOLA

Molefi Tomo - Leribe

Posho Monoane (30) oa Matukeng Leribe o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Leribe, ka la 09 Pulungoana 2026; a qosoa ka polao ea motho.

O theohetse ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa, ‘me o tla hlaha hape lekhotleng ka la 24 Pulungoana 2026.

Detective Woman Police Constable (D/W/P/C) Boithatelo Maraisane oa Ofisi ea Mafokisi Hlotse, o re tlaleho e fihlile ofising ea habo ka la 7 Pulungoana 2026, ka moamani le monna (34) oa Matukeng, a re monna eo o hlabuoe ka thipa Matukeng, ’me o felletsoe ke bophelo a le sepetlele.

A re ba ile ba qala ka liphuputso, ’me tsa sibolla ho re ka la 06 Pulungoana 2026, moqosuoa le mofu ba ne ba ntse ba noa joala.

O re ha ba ntse ba le moo, ho ile hoa qhoma qoaketsano lipakeng tsa likharebe tsa moqosuoa, e ileng ea lebisa ntoeng, eaba ba namoloa.

D/W/P/C Maraisane o re ha ba le tseleng e eang hae, li ile tsa boela tsa loana, ea re ha mofu a re oa namola, moqosuoa a mo hlaba ka thipa, a tseka ho re na hobaneng ha ba namola.

O re mofu o ile a balehela habo, ha a fihla a potlakisetsoa sepetlele motebang ka la 7 Pulungoana 2026 kameso.

A tsoela pele ho re ka le hlahlamang, moqosuoa o ile a utloa ho re eo ke mofu, a balehela Khanyane e leng moo sepolesa se mo qhaulitseng a le ho na teng ka la 08 Pulungoana 2026.

Detective Superintendent (D/Supt) Halieo Ntokoane, Mookameli oa Mafokisi Hlotse, a ipiletsa ho bacha ho tlohela bohlola le ho qoba lintoa. A re ba tlohele ho sebetsa litaba ba le tlasa tšusumetso ea tai .

BA BATSEKA BA ETELA POTJOLebohang Mosiuoa -Berea Potjo Rachakane (62) oa Tsokung, Mapoteng Berea, o hlahile Lekhotleng l...
14/11/2026

BA BATSEKA BA ETELA POTJO

Lebohang Mosiuoa -Berea

Potjo Rachakane (62) oa Tsokung, Mapoteng Berea, o hlahile Lekhotleng la 'Maseterata Berea, ka la 10 Pulungoana 2026; a qosoa ka ho ba le sethunya le likulo ka thoko ho molao.

Lekhotla le mo fumane a le molato, la mo ahlola M10, 000.00 kapa lilemo tse 10 ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa.

O atlehile ho itefella.

Detective Lance Sergeant (D/L/Sgt) Tankiso Mosutu ho tsoa Letšolong la Fiela, o re ba ile ba fumana monyenyetsi ka la 03 Pulungoana 2026, o reng ho na le monna ea nang le sethunya se seng molaong sebakeng seo.

D/L/Sgt Mosutu o re ba ile ba mathela moo, ba fumana Rachakane; ba mo batla sethunya, a nehelana ka sona le likulo tse 6.

A re ba ile ba mo batla litokomane tse mo lumellang ho rua thepa eo empa a sitoa ho fana ka eona; a lleloa ke litšepe.

D/L/Sgt Mosutu o ipiletsa ho batho ba ntseng ba sebelisa lithunya tse seng molaong, ho re ba nehelane ka tsona sepoleseng ha ba na ho tšoaroa.

SEPOLESA SE TŠOARA MOHLANKA OA LIPASA Lebohang Mosiuoa - Berea Tšepang Macheli (44) oa Ha Ramonaheng, Berea o hlahile Le...
14/11/2026

SEPOLESA SE TŠOARA MOHLANKA OA LIPASA

Lebohang Mosiuoa - Berea

Tšepang Macheli (44) oa Ha Ramonaheng, Berea o hlahile Lekhotleng la 'Maseterata Berea, ka la 09 Pulungoana 2026; a qosoa ka boqhekanyetsi.

O fuoe beile ea M2, 000.00, eo a hlolehileng ho e lefa.

O tla emela nyeoe a le ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa.

Puisanong le Woman Police Constable (W/P/C) 'Mantaoleng Badela Raletsoho oa Ofisi ea Lipatlisiso Berea, o re ka la 14 Loetse 2026, ba ile ba fumana tlaleho ka mosali ho re o nketsoe M500.00 ke moqosuoa, ka tšepiso ea ho re o tla mo etsetsa bukana ea ho eta e potlakileng.

A supa ho re molli o ile a qhekelloa ke moqosuoa h**e a fane ka chelete e boletsoeng, o tla mo etsetsa bukana ea ho eta e potlakileng, ’me a fela a mo fa eona.

O tsoela pele h**e molli o ile a bona meso e tsoala mesoana ho se pasa ea letho.

A re tlaleho e supa h**e molli o ile a tla ofising ea Phano ea Libukana tsa ho Eta ho tla sheba ho re na pasa ea hae ha e so tsoe empa a fumana e le sieo, ke moo lehlatsipa le ileng la letsetsa moqosuoa ho re pasa ea hae ha e eo.

A re letsatsi lohle a emetse pasa, le moqosuoa a sa fihle, a ba a tlalehela sepolesa, ’me sa bula nyeoe.

A re lipatlisiso li ile tsa thakholoa tse ileng tsa ba lebisa ho moqosuoa, ea ileng a tšoaroa ho na letsatsi leo, ke moo a ileng a lokolloa kaha ho ne ho emetsoe taelo ea Mochochisi e Moholo.

O re ka mor’a h**e ba li fumane, ba ile ba laela eo ho itlaleha sepolesa, ba ba ba mo fetisetsa lekhotleng.

Inspector (Insp) Leloka Sefako, Mookameli Ofising eo, a re bahlanka ba 'muso ba emisa ho rekisa litšebeletso empa ba sebeletse sechaba hantle. A re sechaba le sona se emise ho reka litšebeletso tsa ‘muso.

O TŠOAROA KA LETSOPA LA KAPALebohang Mosiuoa –Berea Teboho 'Maleshetla (27) oa Thota-Peli, Ha Mamathe Berea, o hlahile L...
14/11/2026

O TŠOAROA KA LETSOPA LA KAPA

Lebohang Mosiuoa –Berea

Teboho 'Maleshetla (27) oa Thota-Peli, Ha Mamathe Berea, o hlahile Lekhotleng la 'Maseterata Berea, ka la 09 Pulungoana 2026; a qosoa ka ho ba le sethunya ka thoko ho molao.

Lekhotla le mo fumane a le molato, a ahloloa M10, 000.00 kapa lilemo tse 10 a le ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa.

O atlehile ho itefella.

Puisanong le Detective Lance Sergeant (D/L/Sgt) Tankiso Mosutu ho hlaha Letšolong la Fiela, o re ka la 06 Pulungoana 2026, ba fumane monyenyetsi o reng 'Maleshetla o na le sethunya se seng molaong.

A re ba ile ba tlola matjato a masesane, ba sala monyenyetsi oo morao ho leba Thota-Peli.

O re ha ba fihla moo, ba fumane 'Maleshetla a rahile qhebe, a e ja monakalali oa keboleloa lelapeng la hae, eaba ba mo batla sethunya.

'Maleshetla o ile a nehelana ka sethunya se hlakotsoeng linomoro le likulo tse 5.

'Maleshetla o ile a lleloa ke litšepe hang.

D/L/Sgt Mosutu o ipiletsa ho batho ba ntseng ba e-na le lithunya tse seng molaong, ho nehelana ka tsona sepoleseng.

A phethela ka h**e 'Maleshetla ke e mong oa lekhotla la likobo tikolohong ea Ha ‘Mamathe le thibetsoeng ka molao Lesotho.

O KHAKHATHA NYANYAULA EA HAE Keketso Matela -Thaba-TsekaThote Lebina (38) oa Ha-Toka Mantšonyane Thaba-Tseka, o hlahile ...
14/11/2026

O KHAKHATHA NYANYAULA EA HAE

Keketso Matela -Thaba-Tseka

Thote Lebina (38) oa Ha-Toka Mantšonyane Thaba-Tseka, o hlahile Lekhotleng la 'Maseterata Thaba-Tseka ka la 9 Pulungoana 2026; a qosoa ka ho khakhatha motho.

A ahloloa ho hoehla ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa likhoeli tse 12 ntle le ho itefella.

Puisanong le Police Constable (P/C) Tlotliso Koenene ho hlaha Ofising ea Lipatlisiso Mantšonyane, o itse ka la 29 Mphalane 26, ho fihlile mosali (45) ofising ea habo, a re ho na le monna ea mo khakhathileng motseng Ha-Toka.

A re ka letsatsi le tšoanang, ba ile ba thakhola lipatlisisi, 'me ba fumana h**e Lebina le molli ba na le likamano tsa lerato, 'me ka la 28 Mphalane 2026 mantsibua, Lebina o ile a laela molli ho koala kapele ntlong ea hae ea mothamahane, ka ha a hlokometse ho re eo o lieha ho fihla hae.

O re molli ha ka ba koala, o ile a emela nako ea mehla ea ho koala, 'me h’a le tseleng e eang hae, a kopana le Lebina ea ileng a mo otla ka lifeisi, a mo raha ka lieta, a re khale a mo joetsa ho re a tlohelle ho lieha ho koala.

Ka la 6 Pulungoana 2026, moqosuoa a tšoaroa.
Inspector (Insp) Rapelang Nkeane o ipilelitse ho banna ho ba bahlokomeli ba basali, e seng ba hlekefetsi ba bona. A re moo ba sa utloaneng, ba kope mokena lipakeng.

O KHAMA LEHLATSIPA HO FIHLELA LE AKHEHALimakatso Nkabi - Maseru Rural Likhute Raphanyane (35) oa Ha Daniel Semonkong Mas...
14/11/2026

O KHAMA LEHLATSIPA HO FIHLELA LE AKHEHA

Limakatso Nkabi - Maseru Rural

Likhute Raphanyane (35) oa Ha Daniel Semonkong Maseru, o theohetse ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa ka mor’a ho tingoa beile ke Lekhotla la ’Maseterata Maseru, ka la 5 Pulungoana 2026; a qosoa ka tlhekefetso ka motabo.

O tla boela a hlaha khotla ka la 17 Pulungoana 2026.

Woman Police Constable (W/P/C) Reitumetse Nthontho oa Motebo oa Sepolesa Semonkong, o re ka la 30 Mphalane 2026, ho fihlile tlaleho ka ngoanana (16), a hlalosa ho re o hlekefelitsoe ka motabo ke moqosuoa.

A re ba ile ba thakhola lipatlisiso tse utullotseng ho re ka la 26 Mphalane 2026, lehlasipa le ne le tsoa lekeishining le ronngoe, ke moo ha le fihla hae, le hlokometseng ho re le lahlile karolo ea lintho tseo le li rekileng, eaba le khutlela morao, la li fumana.

W/P/C Nthontho o re lehlatsipa le re le ile la bona moqosuoa a mathela ho lona, eaba le ea baleha empa eo a le tšoara, ke moo le ileng la itharasolla empa moqosuoa a le shapa ka sephali le ho le koahela ka katiba, a le bupetsa la ba la akheha.

O tsoela pele ho re lehlatsipa ha le phaphama, le ile la iphumana le le ka ntlong eo le sa e tsebeng, le hlobolisitsoe liphahlo, 'me moqosuoa a eme ka pel'a lona.

A re moqosuoa o ile a le lihela fatše, eaba o le hlekefetsa ka motabo, a ba a le khama, la boela la akheha hape.

A re ba fumane h**e lehlatsipa le iphumane le se le lahletsoe tlas'a habo, le fasuoe maoto ka lerapo, e bile le kupelitsoe sefahleho ka katiba, le kentsoe kausi ka hanong.

Moqosuoa o ile a tšoaroa ka la 5 Pulungoana 2026.

Inspector (Insp) Lebuamang Pitso o ipilelitse ho banna ho khaotsa liketso tsena tse mpe baneng. A re mosebetsi oa banna ke ho sireletsa bana, e seng e be bona ba ba hlekefetsang.

"MPHAHLOLLE" Seratsoana sena sa litaba, se tla tsejoa ka lebitso la “MPHAHLOLLE”, ‘me se tla phatlalatsoa moqebelo o mon...
14/11/2026

"MPHAHLOLLE"

Seratsoana sena sa litaba, se tla tsejoa ka lebitso la “MPHAHLOLLE”, ‘me se tla phatlalatsoa moqebelo o mong le o mong lih**eng tsa hoseng, e le mokhoa oa ho fetisa litaba tsa bohlokoa tseo ka nako e ‘ngoe, li ka sirelang karolo e ‘ngoe ea sechaba.

Re bone baqhobi ba bangata ho potoloha le naha, ba hlaha makhotleng, ba qosoa ka ho se lefe litekete (Spot fine) tseo ba li fuoeng ke mapolesa.

POTSO: Na u ne u tseba h**e ke tlolo ea molao ho se lefe M30.00 ea tekete, ha matsatsi a supileng a ka feta o e so e lefe?

KARABO: ho ea ka Temana ea 99 (2), e balelloa le (3) ka masakaneng, ea Molao oa Tsela oa Road Traffic Act no. 8 of 1981, ke tlolo ea molao ho iphapanyetsa ho lefa tekete matsatsi a fetang a Supileng, ‘me moqhobi a ka iphumana a panyapanya ka pel’a lekhotla le ho fumanoa a le molato, hoo a ka lefang chelete e fetang eo a neng a lokela ho e lefa.

O SIEA KOLOI HOLIM'A LITENE Motheba Phanyake-Mafeteng Thabelo "Tjonono" Tsiu (39) oa Matholeng Mafeteng, o hlahile Lekho...
13/11/2026

O SIEA KOLOI HOLIM'A LITENE

Motheba Phanyake-Mafeteng

Thabelo "Tjonono" Tsiu (39) oa Matholeng Mafeteng, o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Mafeteng, ka la 9 Pulungoana 2026; a qosoa ka bosholu.

Lekhotla le mo fumane a le molato, la mo ahlola ho hoehla ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa lilemo tse 8 a sa itefelle, eaba halofo ea fanyehoa, 'me o tla hoehla lilemo tse 4.

Police Constable (P/C) Lehlohonolo Ramahloko ho hlaha Ofising ea Lipatlisiso Mafeteng, o re ho fihlile tlaleho ka mohala sepoleseng sa habo, ka la 5 Pulungoana 2026, e re ho tšoeroe monna ea belaelloang ka bosholu ba mabili a koloi.

O re ba ile ba tlola matjato ho leba moo, 'me ba fumana sechaba se mo tšoere.

A re ba ile ba thakhola lipatlisiso tse utullotseng ho re bosiung ba la 4 Pulungoana 2026, moqosuoa o ile a nyonyobela ha molli (56) a fasolla mabili a mararo.

A re molli o ile a hlokomela tšenyo hoseng ha a tsoha, a bitsa bahaisane, ba nt'o latela mohlala o ileng oa ba lebisa ha moqosuoa ea ileng a latola, eare ha ba le tseleng e eang moreneng, a re ba khutlele ha hae thepa eo e teng.

Tsiu o ile a lleloa ke litšepe hang ho na letsatsing leo.
Sub Inspector (Sub-Insp) Lerato Pita o lebohile sechaba haholo ka tšebelisano le ho se inkele molao matsohong.

A re seo se bontša kholo toantšong ea litlolo tsa molao.

SEPOLESA SE ETELA SEMONKONGLimakatso Nkabi - Maseru Rural Mookameli oa Sepolesa sa Lesotho Adv. Borotho Matsoso le moifo...
13/11/2026

SEPOLESA SE ETELA SEMONKONG

Limakatso Nkabi - Maseru Rural

Mookameli oa Sepolesa sa Lesotho Adv. Borotho Matsoso le moifo oa hae, ba bile le kopano le mapolesa a Maseru e ka Thoko ho Toropo le sechaba ka sepheo sa ho utloa maikutlo a bona le ho re na ba ka thabela h**e ba polesoe joang.
Pitso ea Semonkong e bile ka la 3 Pulungoana 2026; ha ka la 4 Pulungoana 2026, e bile Maseru e ka Thoko ho Toropo.

SACP Matšepang Ramarikhoane o re ka maikutlo a sechaba a 2024, a ho re na se batla ho polesoa joang, sepolesa se bile le lipitso tse 1377 moo se fihletseng batho ba 55 602, ho theha Letšolo la Fiela, moo ka lona ho fumanoeng lithunya tse 465 le likulo tse 3379 tse seng molaong, liphoofolo tsa Basotho tse 124, likoloi tse 14 le ho beha batho ba 354 ka pel'a makhotla, ba ba ba ahloloa.
A re leha ho le joalo, se arohane le mapolesa a 38 ka lebaka la boitšoaro.

DCP Moqhebi Likhama o re o hlokometse ho re litaba tsa mekhatlo ea likobo, e thibetsoeng ka molao Lesotho le lipolaeano li theohile Semonkong, 'me o motlotlo ke hona. A re ke ka boipoleso litaba tsena e leng pale ea maobane.

Ha a akaretsa maikutlo a sechaba Monghali (Mong.) Salemane Hoko, o re ba sebetsa hantle le sepolesa empa ba kopa khahlametso ea lipere ho fihlela libaka tse fihlelehang ka thata le ho ekelletsoa mapolesa.

Mookameli oa Sepolesa Adv. Borotho Matsoso o re o utloile litaba tsa bona, 'me li bohlokoa. A re ba nehelane ka lithunya tse seng molaong sepoleseng, ba li hlokang ba etse likopo.

A khalemela ka matla tlhekefetso ka kakaretso, e etsoang ke ba bang ba banna. A re banna ba moetlo, ba patang litlolo tsa molao tse etsahetseng lebollong, ba khoe, ha phoso e etsahetse ba e tlalehe.

A thoholetsa mahokela ka ho tšoara hantle litabeng tsa boipoleso. A re mapolesa a itekole, a nene litlolo tsa molao. A phethela ka h**e a sebelletse sechaba ka boitelo le tlhompho.

Address

Parliament Road, P. O. BOX 13 Maseru
Maseru
0100

Opening Hours

Monday 09:00 - 16:30
Tuesday 08:00 - 16:30
Wednesday 08:00 - 16:30
Thursday 08:00 - 16:30
Friday 08:00 - 16:30

Telephone

+26622322099

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Lesotho Mounted Police Service posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share